1 Dikronike 24:13-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. ya leshome le metso e meraro Huppa, ya leshome le metso e mene Jeshebeabe,

14. ya leshome le metso e mehlano Bilga, ya leshome le metso e tsheletseng Immere,

15. ya leshome le metso e supileng Hesire, ya leshome le metso e robileng meno e le mmedi Happitsetse,

16. ya leshome le metso e robileng mono o le mong Pethahia, ya mashome a mabedi Esekiele,

17. ya mashome a mabedi a motso o mong Jakine, ya mashome a mabedi a metso e mmedi Gamule,

18. ya mashome a mabedi a metso e meraro Delaia, ya mashome a mabedi a metso e mene Maasia.

19. Ke lona lenaneo la bona tshebetsong ya bona la ho tla ka tlung ya Jehova ka taelo e neng e bewe ke Aarone ntata bona, kamoo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a mo laetse kateng.

20. Haele bara ba bang ba Levi, dihlooho tsa bona ke tsena: Ho bara ba Amrame ke Shubaele; ho bara ba Shubaele ke Jehdia;

21. bakeng sa Rehabia, ho bara ba hae, e moholo ke Jishia,

22. ho ba Jitsehare ke Shelomothe, ho bara ba Shelomothe ke Jahathe.

23. Ho bara ba Hebrone e moholo ke Jeria, wa bobedi ke Amaria, wa boraro ke Jahasiele, wa bone ke Jekameame.

24. Ho bara ba Usiele ke Mikea; ho bara ba Mikea ke Shamire.

1 Dikronike 24