1 Dikronike 24:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele bara ba Aarone, dikarolo tsa bona ke tsena: Bara ba Aarone e ne e le Nadabe, Abihu, Eleasare le Ithamare.

2. Haele Nadabe le Abihu, bona ba ne ba shwe, ntata bona a sa le teng, ba se na bara; ka baka leo, Eleasare le Ithamare ba tshwara mosebetsi wa boprista.

3. Davida hammoho le Tsadoke wa bara ba Eleasare, le Akimeleke wa bara ba Ithamare, ba arola baprista ka dikabelo tsa bona tsa tshebetso.

4. Hara bara ba Eleasare ha fumanwa hobane mahosana a mangata ho fetisa hara bara ba Ithamare; ha ho le jwalo, ba arolwa ka mokgwa ona: ho bara ba Eleasare, ha balwa dihlooho tse leshome le metso e tsheletseng tsa matlo a bontata bona, le ho bara ba Ithamare, dihlooho tse robileng meno e le mmedi tsa matlo a bontata bona.

5. Ba arolelwa dikabelo ka lotho, ba bang le ba bang; batsamaisi ba sehalalelo le batsamaisi ba ntlo ya Modimo ba nkwa hara bara ba Eleasare le hara bara ba Ithamare;

6. mongodi Shemaia, mora Nethaneele, wa Balevi, a ba ngola pela morena, le mahosana, le moprista Tsadoke, le Akimeleke, mora Abiathare, le dihlooho tsa matlo a bontata baprista le Balevi; ha ho le jwalo, ha laolwa ka lotho ntlo e nngwe ya Eleasare, ha boela ha laolwa e nngwe ya Ithamare.

7. Lotho ya pele ya wela Jehojaribe, ya bobedi Jedaia,

8. ya boraro Harime, ya bone Seorime,

9. ya bohlano Malkija, ya botshelela Mijamine,

10. ya bosupa Hakkotse, ya boroba meno e le mmedi Abija,

11. ya boroba mono o le mong Joshua, ya leshome Shekania;

1 Dikronike 24