4. A re: Ho bona, ho ke ho nkwe ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene ba tla tsamaisa tshebetso ya ntlo ya Jehova; hape, ho nkwe ba kete tse tsheletseng ho ba etsa bahlahlobi le baahlodi;
5. balebedi ba menyako ba ke ba etse dikete tse nne, mme ba kete tse nne e be ba tla rorisa Jehova ka diletsa tseo ke di entseng hore a roriswe ka tsona.
6. Davida a ba arola dihlopha ka palo ya bara ba Levi, Gershone, Kehathe, le Merari.
7. Ho Bagershone, ya eba Laedane le Shimei.
8. Bara ba Laedane, e moholo ke Jehiele, ba bang ke Sethame le Joele; ba bararo.
9. Bara ba Shimei ke Shelomithe, Hasiele, le Harane; ba bararo. Ke tsona dihlooho tsa bontata Balaedane.
10. Bara ba Shimei ke Jahathe, Sina, Jeushe, le Beria. Bao ba bane ke bara ba Shimei.
11. Jahathe ke e moholo; wa bobedi ke Sina; haele Jeushe le Beria, ba ne ba se na bana ba bangata; ha ho le jwalo, palong ba etsa ntlo e le nngwe ya bontata Balevi.
12. Bara ba Kehathe ke Amrame, Jitsehare, Hebrone le Usiele; ba bane.
13. Bara ba Amrame ke Aarone le Moshe; Aarone yena a kgethwa, hore a tle a halaletswe ka ho sa feleng ka kgalalelo e fetisang, e le yena le bara ba hae, mme ba tjhese dibano pela Jehova, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae ka ho sa feleng.
14. Haele ka Moshe, monna wa Modimo, bara ba hae ba balwa le bara ba Levi.
15. Bara ba Moshe ke Gershome le Eliesere.
16. E moholo ho bara ba Gershome ke Shebuele.
17. Bara ba Eliesere, e moholo ke Rehabia. Eliesere o ne a se na bara ba bang; empa bara ba Rehabia ba ne ba le bangata.
18. Bara ba Jitsehare, e moholo ke Shelomithe.
19. Ho bara ba Hebrone, e moholo ke Jeria, wa bobedi ke Amaria, wa boraro ke Jahasiele, wa bone ke Jekameame.
20. Ho bara ba Usiele, e moholo ke Mika, wa bobedi ke Jishia.