1 Dikronike 23:21-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Bana ba Merari ke Mahali le Mushi; bara ba Mahali ke Eleasare le Kishe.

22. Eleasare a shwa a se na bara, a ena le baradi feela; mme dikgaitsedi tsa bona, bara ba Kishe, tsa ba nyala.

23. Bara ba Mushi ke Mahali, Edere, le Jeremothe; ba bararo.

24. Ke bona bara ba Levi ka matlo a bontata bona; ke tsona dihlooho tsa matlo a bontata bona, kamoo ba kileng ba ngolwa kateng, ha ho balwa mabitso a bona ka ho ya ka dihlooho. Ba ne ba etsa mosebetsi wa tshebetso ya ntlo ya Jehova, ba qala ha ba le dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele;

25. hobane Davida o ne a itse: Jehova, Modimo wa Iseraele, o neile setjhaba sa hae phomolo, mme o tla aha Jerusalema ka ho sa feleng;

26. haele Balevi, ha ba sa na ho jara tabernakele leha e le mesebetsi yohle ya tshebetso.

27. Ke e nngwe ya taba tseo Davida a qeteletseng ka tsona, ha ho kile ha etswa palo ya bara ba Levi, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele.

28. Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;

29. le ho bona mahobe a pontsha, le lefi la phofo ya dinyehelo, le maqebekwane a se nang ditomoso, le tse phehwang paneng, le tse beswang, le ditekanyo tsa boholo le tsa bongata.

30. Ba ne ba tshwanetse ho itlhahisa pela Jehova ka hosasa ho hong le ho hong, ho boka le ho rorisa Jehova, le mantsiboya jwalo;

31. le ho hlahisetsa Jehova ditjheso tsohle, mohla Disabatha, le dikgwedi tse thwasang, le mekete, ka palo ya tsona, ka ho ya ka mokgwa wa ntho tseo, ka ho sa feleng pela Modimo.

32. Hape, ba ne ba boloka dintho tsa tente ya pokano, le tsa sehalalelo, le tsa bara ba Aarone, banababo bona, tsa ho etsa tshebetso ya ntlo ya Jehova.

1 Dikronike 23