1 Dikronike 23:15-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Bara ba Moshe ke Gershome le Eliesere.

16. E moholo ho bara ba Gershome ke Shebuele.

17. Bara ba Eliesere, e moholo ke Rehabia. Eliesere o ne a se na bara ba bang; empa bara ba Rehabia ba ne ba le bangata.

18. Bara ba Jitsehare, e moholo ke Shelomithe.

19. Ho bara ba Hebrone, e moholo ke Jeria, wa bobedi ke Amaria, wa boraro ke Jahasiele, wa bone ke Jekameame.

20. Ho bara ba Usiele, e moholo ke Mika, wa bobedi ke Jishia.

21. Bana ba Merari ke Mahali le Mushi; bara ba Mahali ke Eleasare le Kishe.

22. Eleasare a shwa a se na bara, a ena le baradi feela; mme dikgaitsedi tsa bona, bara ba Kishe, tsa ba nyala.

23. Bara ba Mushi ke Mahali, Edere, le Jeremothe; ba bararo.

24. Ke bona bara ba Levi ka matlo a bontata bona; ke tsona dihlooho tsa matlo a bontata bona, kamoo ba kileng ba ngolwa kateng, ha ho balwa mabitso a bona ka ho ya ka dihlooho. Ba ne ba etsa mosebetsi wa tshebetso ya ntlo ya Jehova, ba qala ha ba le dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele;

25. hobane Davida o ne a itse: Jehova, Modimo wa Iseraele, o neile setjhaba sa hae phomolo, mme o tla aha Jerusalema ka ho sa feleng;

26. haele Balevi, ha ba sa na ho jara tabernakele leha e le mesebetsi yohle ya tshebetso.

1 Dikronike 23