1. Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo; yaba o bea Salomone, mora wa hae, morena wa Iseraele.
2. A phutha balaodi bohle ba Iseraele, le baprista, le Balevi.
3. Balevi ba balwa ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mararo le ba kapele; ha ba balwa ka dihlooho, ha fumanwa batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi.
4. A re: Ho bona, ho ke ho nkwe ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene ba tla tsamaisa tshebetso ya ntlo ya Jehova; hape, ho nkwe ba kete tse tsheletseng ho ba etsa bahlahlobi le baahlodi;
5. balebedi ba menyako ba ke ba etse dikete tse nne, mme ba kete tse nne e be ba tla rorisa Jehova ka diletsa tseo ke di entseng hore a roriswe ka tsona.