1 Dikronike 22:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Davida o re: Ke hona mona moo ntlo ya Jehova Modimo, ke hona mona moo aletare ya ditjheso tsa Iseraele.

2. Yaba Davida o laela hore ho phuthwe baditjhaba bohle ba lefatsheng la Iseraele; a bea dibetli ho betla majwe a ho haha ntlo ya Modimo.

3. Hape, Davida o ne a se a lokisitse tshepe e ngata ya ho etsa dipekere tsa mamati a menyako le tsa ho kopanya tse kopanngwang, le koporo e ngata eo ho seng kamoo boima ba yona bo neng bo ka lekanngwa kateng,

4. le difate tsa dikedare tse se nang palo; hobane Basidone le Batire ba ne ba tliseditse Davida difate tsa dikedare tse ngata.

5. Davida o ne a re: Mora ka Salomone o sa le motjha, o sa le monyenyane, mme ntlo e tla hahelwa Jehova e ka kgona e phahame haholo ka botumo le ka kganya mafatsheng wohle; ha ho le jwalo, ke tla mo lokisetsa yona. Kahoo, Davida a lokisa tse ngata, a eso ho shwe.

6. Yaba o bitsa Salomone, mora wa hae, a mo laela ho hahela Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.

7. Davida a re ho Salomone, mora wa hae: E ne e le kgopolo ya pelo ya ka hore ke hahele lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo.

1 Dikronike 22