1. Yaba Davida o re: Ke hona mona moo ntlo ya Jehova Modimo, ke hona mona moo aletare ya ditjheso tsa Iseraele.
2. Yaba Davida o laela hore ho phuthwe baditjhaba bohle ba lefatsheng la Iseraele; a bea dibetli ho betla majwe a ho haha ntlo ya Modimo.
3. Hape, Davida o ne a se a lokisitse tshepe e ngata ya ho etsa dipekere tsa mamati a menyako le tsa ho kopanya tse kopanngwang, le koporo e ngata eo ho seng kamoo boima ba yona bo neng bo ka lekanngwa kateng,
4. le difate tsa dikedare tse se nang palo; hobane Basidone le Batire ba ne ba tliseditse Davida difate tsa dikedare tse ngata.
5. Davida o ne a re: Mora ka Salomone o sa le motjha, o sa le monyenyane, mme ntlo e tla hahelwa Jehova e ka kgona e phahame haholo ka botumo le ka kganya mafatsheng wohle; ha ho le jwalo, ke tla mo lokisetsa yona. Kahoo, Davida a lokisa tse ngata, a eso ho shwe.
6. Yaba o bitsa Salomone, mora wa hae, a mo laela ho hahela Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.
7. Davida a re ho Salomone, mora wa hae: E ne e le kgopolo ya pelo ya ka hore ke hahele lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo.
8. Empa lentswe la Jehova le tlile ho nna, la re: O tsholotse madi a mangata, mme o lwanne ntwa tse kgolo; ha o na ho hahela lebitso la ka ntlo, etswe o tsholotse madi a mangata lefatseheng pela ka.
9. Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.
10. Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo; e tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae; mme ke tla tiisa terone ya borena ba hae Iseraeleng ka ho sa feleng.
11. Jwale, mora ka, Jehova a ke a be le wena, hore o tle o atlehe, mme o hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa hao, kamoo a felang a boletse kateng, bakeng sa hao.