1 Dikronike 21:4-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Leha ho le jwalo, taelo ya morena ya hlola Joabe. Joabe a tswa, a ya le Baiseraele bohle, a ntoo kgutlela Jerusalema.

5. Joabe a bolella Davida palo ya bongata ba setjhaba: Iseraeleng ho ne ho le banna ba tsomolang sabole ba sekete sa dikete se nang le lekgolo le le leng la dikete; haele Juda, ho ne ho na le banna ba tsomolang sabole ba dikete tse makgolo a mane a mashome a supileng.

6. A mpa a sa ka a bala Levi le Benjamine; hobane taelo eo ya morena e ne e le e kgesehang ho Joabe.

7. Taba eo ya eba mpe mahlong a Modimo, mme a otla Iseraele.

8. Davida a re ho Modimo: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale, oho, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao, hobane ke entse ka bothoto bo boholo.

9. Yaba Jehova a bolella Gade, seboni sa Davida, a re:

10. Eya, o bolelle Davida, o re: Jehova o re: Ke o behela taba tse tharo; ikgethele e nngwe ho tsona, ke o etse ka yona.

11. Gade a ya ho Davida, a re ho yena: Jehova o re: Ikgethele seo o se ratang,

12. kapa lemo tse tharo tsa tlala, kapa kgwedi tse tharo tsa ho bolawa ke dira tsa hao, o qetwe ke sabole ya ba o hloileng, kapa tshiu tse tharo tseo ka tsona lerumo la Jehova le lefu la sewa le tla senya naheng ya Baiseraele, mme lengeloi la Jehova le tla timetsa batho naheng yohle ya bona. Jwale, bona hore na ke tla busetsa karabo efe ho ya nthomileng!

13. Davida a re ho Gade: Ke tsietswe haholo; a ke mpe ke wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke mpe ke se ke ka wela matsohong a batho.

14. Jehova a romela lefu le leng la sewa Iseraeleng, mme ha eshwa batho ba dikete tse mashome a supileng ba Iseraele.

15. Modimo wa romela lengeloi Jerusalema ho timetsa batho ba teng; la re le sa ntsane le bolaya, Jehova a bona, a swaba ke tshenyeho eo, mme a re ho lengeloi le bolayang: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Ornane Mojebuse.

16. Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.

1 Dikronike 21