1 Dikronike 21:20-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Ornane ha a reteleha, a bona lengeloi; mme ba ipata e le yena le bara ba hae ba bane; Ornane o ne a pola koro.

21. Davida a fihla ho Ornane; Ornane, eitse ha a tadima, a bona Davida, mme a tswa seotlong, a inamela fatshe ka sefahleho pela Davida.

22. Yaba Davida o re ho Ornane: Nnee baka sa seotlo sena, hore ke tle ke hahele Jehova aletare teng; nnee sona bakeng sa theko ya sona e phethehileng, hore lefu lena le tloswe hara setjhaba.

23. Ornane a re ho Davida: Inkele sona, mme morena, monga ka, a etse kahohle kamoo a ratang kateng. Bona, ke o nea pholo tseo ho etsa ditjheso ka tsona, le mesebetsi ya ho pola ho etsa patsi, le koro ho etsa nyehelo; ke o nea tsona kaofela.

24. Morena Davida a re ho Ornane: Tjhe, ke tla di reka ka theko ya tsona; hobane nke ke ka isetsa Jehova seo e leng sa hao, mme nke ke ka hlahisa setjheso seo ke sa se ntshetsang letho.

25. Ha ho le jwalo, Davida a nea Ornane theko ya baka seo, a mo nea dishekele tsa kgauta tse makgolo a tsheletseng.

26. Teng, Davida a hahela Jehova aletare, mme a hlahisa mahlabelo a ditjheso le a teboho teng; a rapela Jehova, mme a mo arabela ka ho theolela mollo aletareng ya ditjheso, o etswa lehodimong.

27. Mme Jehova a laela lengeloi hore le busetse sabole ya lona selateng.

28. Mohlang oo, Davida eitse ha a bona hobane Jehova o mo utlwile a le seotlong sa Ornane Mojebuse, a hlaba mahlabelo teng.

29. Motsotsong oo, tabernakele ya Jehova, e na beng e entswe ke Moshe nahathothe, le aletare ya ditjheso, di ne di le nqalong e phahameng ya Gibeone;

30. mme Davida o ne a sitilwe ho ya pela aletare eo ho botsa Modimo, hobane a ne a tshositswe ke sabole ya lengeloi la Jehova.

1 Dikronike 21