1 Dikronike 21:15-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Modimo wa romela lengeloi Jerusalema ho timetsa batho ba teng; la re le sa ntsane le bolaya, Jehova a bona, a swaba ke tshenyeho eo, mme a re ho lengeloi le bolayang: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Ornane Mojebuse.

16. Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.

17. Davida a re ho Modimo: Na hase nna ke laetseng hore ho balwe setjhaba na? Ke nna ke sitilweng, ke nna ke entseng bobe; dinku tseo tsona di entseng na? Jehova, Modimo wa ka, tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate, mme le se ke la nna la kenya lefu setjhabeng sa hao!

18. Yaba lengeloi la Jehova le laela Gade hore a bolelle Davida hore Davida a nyolohe, a hahele Jehova aletare seotlong sa Ornane Mojebuse.

19. Ka polelo ya Gade, eo a e boletseng ka lebitso la Jehova, Davida a nyoloha.

20. Ornane ha a reteleha, a bona lengeloi; mme ba ipata e le yena le bara ba hae ba bane; Ornane o ne a pola koro.

21. Davida a fihla ho Ornane; Ornane, eitse ha a tadima, a bona Davida, mme a tswa seotlong, a inamela fatshe ka sefahleho pela Davida.

22. Yaba Davida o re ho Ornane: Nnee baka sa seotlo sena, hore ke tle ke hahele Jehova aletare teng; nnee sona bakeng sa theko ya sona e phethehileng, hore lefu lena le tloswe hara setjhaba.

1 Dikronike 21