1 Dikronike 20:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Joabe a tsamaisa makgotla a ntwa, mme a senya lefatshe la bana ba Ammone, a ntoo ya thibella Rabba; Davida yena a sala Jerusalema. Joabe a hlola Rabba, a o heletsa.

2. Davida a rola morena wa teng moqhaka wa hae, a o fihlela o le boima ba talenta e le nngwe ya kgauta, o bile o na le mahakwe a bohlokwa le hona, mme wa rweswa Davida hloohong. Hape, a ya le kgapo e kgolo haholo ya motse.

3. Haele batho ba fihletsweng teng, a ba ntshetsa ntle, mme a ba harola ka disaga le ka diege tsa tshepe le ka dilepe. Davida a etsa jwalo ka metse yohle ya bana ba Ammone; Davida le setjhaba sohle ba ntoo boela Jerusalema.

4. Kamora tseo, ntwa ya lwana le Bafilesta Gesere; teng Sibekkai Mohusha a bolaya Sippai, e mong wa bana ba Barefaime; mme teng ba kokobetswa.

5. Ya boela ya lwana le Bafilesta. Yaba Elkanane, mora Jaire, o bolaya Lahmi, ngwanabo Goliathe wa Gathe, ya neng a na le lerumo leo theko ya lona e neng e le ka ka sefate sa selohi.

1 Dikronike 20