4. Tamare, ngwetsi ya hae, a mo tswalla Peretse le Sera. Bara ba Juda, ha ba le kaofela, ba bahlano.
5. Bara ba Peretse ke Hetsrone le Hamule.
6. Bara ba Sera ke Simri, Ethane, Hemane, Kalkole, le Dara; kaofela ha bona ba bahlano.
7. Mora wa Karmi ke Akare, moferekanyi wa Iseraele ya kileng a tlola molao wa ntho tse neetsweng anathema.
8. Mora wa Ethane ke Asaria.
9. Haele bara ba Hetsrone, bao a ba tswaletsweng, ke Jerameele, Rame le Kelubai.
10. Rame yena a tswala Amminadabe; Amminadabe a tswala Nashone, kgosana ya bana ba Juda.
11. Nashone yena a tswala Salma, Salma a tswala Boase.
12. Boase a tswala Obede, Obede a tswala Jese.
13. Jese a tswala Eliabe letsibolo la hae, le Abinadabe moenae; wa boraro ke Shimea,
14. wa bone ke Nethaneele, wa bohlano ke Raddai,
15. wa botshelela ke Otseme, wa bosupa ke Davida;
16. dikgaitsedi tsa bona ke Tseruja le Abigaile. Bara ba Tseruja ke Abishai, Joabe, le Asaele; bona ba bararo.