1 Dikronike 2:33-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Bara ba Jonathane ke Pelethe le Sasa. Bao ke bara ba Jerameele.

34. Haele Sheshane, o ne a se na bara, a ena le baradi feela. Sheshane o ne a na le mohlanka wa Moegepeta, eo bitso la hae e neng e le Jarha.

35. Sheshane a nea mohlanka wa hae moradi wa hae, e be mosadi wa hae; mme eo a mo tswalla Attai.

36. Attai a tswala Nathane, Nathane a tswala Sabade,

37. Sabade a tswala Eflale, Eflale a tswala Obede,

38. Obede a tswala Jehu, Jehu a tswala Asaria,

39. Asaria a tswala Haletse, Haletse a tswala Elasa,

40. Elasa a tswala Sismai, Sismai a tswala Shallume,

41. Shaume a tswala Jekamia, Jekamia a tswala Elishama.

42. Bara ba Kalebe, moena Jerameele, ke Mesha, letsibolo la hae; ke yena ntata Sife; mora wa hae ke Maresha, ntata Hebrone.

43. Bara ba Hebrone ke Kora, Tappua, Rekeme, le Shema.

44. Shema a tswala Rahame, ntata Jorkeame; Rekeme yena a tswala Shammai.

45. Mora Shammai ke Maone; Maone ke ntata Bethe-Tsure.

46. Efa, serethe sa Kalebe, a tswala Harane, Motsa, le Gasese; Harane a tswala Gasese.

47. Bara ba Jadai ke Regeme, Jothame, Geshane, Pelethe, Efa, le Shaafe.

48. Maaka, serethe sa Kalebe, a tswala Shebere le Tirhana.

49. A tswala le Shaafe ntata Madmanna, Sheva ntata Makbena le Gibea; moradi wa Kalebe e ne e le Aksa.

50. Bara ba Kalebe, mora Hure, letsibolo la Efrata, ke bana: ke Shobale ntata Kiryathe-Jearime,

1 Dikronike 2