32. Bara ba Jada, moena Shammai, ke Jethere le Jonathane; empa Jethere a timela a se na bana.
33. Bara ba Jonathane ke Pelethe le Sasa. Bao ke bara ba Jerameele.
34. Haele Sheshane, o ne a se na bara, a ena le baradi feela. Sheshane o ne a na le mohlanka wa Moegepeta, eo bitso la hae e neng e le Jarha.
35. Sheshane a nea mohlanka wa hae moradi wa hae, e be mosadi wa hae; mme eo a mo tswalla Attai.
36. Attai a tswala Nathane, Nathane a tswala Sabade,
37. Sabade a tswala Eflale, Eflale a tswala Obede,
38. Obede a tswala Jehu, Jehu a tswala Asaria,
39. Asaria a tswala Haletse, Haletse a tswala Elasa,
40. Elasa a tswala Sismai, Sismai a tswala Shallume,
41. Shaume a tswala Jekamia, Jekamia a tswala Elishama.