1 Dikronike 2:30-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Bara ba Nadabe ke Selede le Appaime; Selede yena a timela a se na bana.

31. Mora wa Appaime ke Jishei. Mora wa Jishei ke Sheshane. Mora wa Sheshane ke Aklai.

32. Bara ba Jada, moena Shammai, ke Jethere le Jonathane; empa Jethere a timela a se na bana.

33. Bara ba Jonathane ke Pelethe le Sasa. Bao ke bara ba Jerameele.

34. Haele Sheshane, o ne a se na bara, a ena le baradi feela. Sheshane o ne a na le mohlanka wa Moegepeta, eo bitso la hae e neng e le Jarha.

1 Dikronike 2