1 Dikronike 2:29-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Lebitso la mosadi wa Abishure e ne e le Abikaile; a mo tswalla Akbane le Molede.

30. Bara ba Nadabe ke Selede le Appaime; Selede yena a timela a se na bana.

31. Mora wa Appaime ke Jishei. Mora wa Jishei ke Sheshane. Mora wa Sheshane ke Aklai.

32. Bara ba Jada, moena Shammai, ke Jethere le Jonathane; empa Jethere a timela a se na bana.

33. Bara ba Jonathane ke Pelethe le Sasa. Bao ke bara ba Jerameele.

34. Haele Sheshane, o ne a se na bara, a ena le baradi feela. Sheshane o ne a na le mohlanka wa Moegepeta, eo bitso la hae e neng e le Jarha.

35. Sheshane a nea mohlanka wa hae moradi wa hae, e be mosadi wa hae; mme eo a mo tswalla Attai.

36. Attai a tswala Nathane, Nathane a tswala Sabade,

37. Sabade a tswala Eflale, Eflale a tswala Obede,

38. Obede a tswala Jehu, Jehu a tswala Asaria,

1 Dikronike 2