1 Dikronike 2:15-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. wa botshelela ke Otseme, wa bosupa ke Davida;

16. dikgaitsedi tsa bona ke Tseruja le Abigaile. Bara ba Tseruja ke Abishai, Joabe, le Asaele; bona ba bararo.

17. Abigaile a tswala Amasa; ntata Amasa ke Jethere, Moishmaele.

18. Haele Kalebe, mora Hetsrone, a tswala bana ka mosadi wa hae Asuba le ka Jeriothe; bara ba hae ka Asuba ke Jeshere, Shobabe, le Ardone.

19. Eitse hobane Asuba a timele, Kalebe a inkela Efrathe; eo a mo tswalla Hure,

20. Hure a tswala Uri, Uri a tswala Betsaleele.

21. Hamorao, Hetsrone a kena ho moradi wa Makire, ntata Gileade, a mo nyala a le dilemo tse mashome a tsheletseng; eo a mo tswalla Segube.

22. Segube a tswala Jaire, ya ileng a ba le metse e mashome a mabedi a metso e meraro naheng ya Gileade.

23. Bageshure le Baarame ba ba amoha metse ya Jaire, le Kenathe ka metsana ya teng, e le metse e mashome a tsheletseng. Metse eo kaofela e ne e le ya bara ba Makire, ntata Gileade.

24. Eitse hobane Hetsrone a timele Kaleb-Efratha, Abija, mosadi wa Hetsrone, a boela a mo tswalla Ashure, ntata Tekowa.

25. Bara ba Jerameele, letsibolo la Hetsrone, letsibolo la hae ke Rame; ba bang ke Buna, Orene, Otseme, le Akija.

26. Jerameele o ne a na le mosadi e mong, bitso la hae e le Athara; ke yena mma Oname.

27. Bara ba Rame, letsibolo la Jerameele, ke Maatse, Jamine, le Ekere.

28. Bara ba Oname ke Shammai le Jada. Bara ba Shammai ke Nadabe le Abishure.

1 Dikronike 2