1 Dikronike 19:6-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Eitse ha bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida, Hanune le bana ba Ammone ba romela ditalenta tse sekete se le seng tsa silefera ho adima makoloi le bapalami ho Basiria ba Mesopotamia, le ho Basiria ba Maaka le ba Tsoba.

7. Ba adima makoloi a dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; le yena morena wa Maaka le setjhaba sohle sa hae ba tla, ba emisa pela Medeba. Bana ba Ammone ba phutheha metseng ya bona, mme ba tloha ho ya ntweng.

8. Davida ha a utlwa, a roma Joabe le sera sohle sa banna ba ntwa.

9. Bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; haele marena a tlileng, a ema thoko naheng, sebakeng sa wona.

10. Joabe ha a bona hoba o ya tlelwa ke ntwa tse pedi, e nngwe e le kapele, e nngwe e tla kamora hae, a kgetha mokgetho wohle wa Iseraele, a ba lokisa hore ba tadime ntwa ya Basiria;

11. ba setseng ba setjhaba a ba nea Abishai, ngwanabo, mme a ba lokisa hore ba bone bana ba Ammone.

12. A re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle, o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.

13. O iphe matla, mme re etseng ka senna sebakeng sa setjhaba sa heso le sa metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.

14. Yaba Joabe le setjhaba sohle se ho yena ba atamela ho lwantsha Basiria, mme Basiria ba baleha pela hae.

15. Eitse ha bana ba Ammone ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ngwanabo Joabe, mme ba kena hae motseng. Joabe yena a boela Jerusalema.

16. Eitse ha Basiria ba bona hobane ba hlotswe ke Baiseraele, ba romela manqosa ho mema Basiria ba mose wane wa noka; Shofake, molaodi wa sera sa Hadaresere, e ne e le motsamaisi wa bona.

1 Dikronike 19