1 Dikronike 19:4-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola, a seha diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, mme a ba kgutlisa ba le jwalo.

5. Davida a behelwa se entsweng ho banna ba hae; yaba o romela ho ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba le dihlong haholo; mme morena a re: Dulang Jeriko, ditedu tsa lona di be di mele, le ntoo boya.

6. Eitse ha bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida, Hanune le bana ba Ammone ba romela ditalenta tse sekete se le seng tsa silefera ho adima makoloi le bapalami ho Basiria ba Mesopotamia, le ho Basiria ba Maaka le ba Tsoba.

7. Ba adima makoloi a dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; le yena morena wa Maaka le setjhaba sohle sa hae ba tla, ba emisa pela Medeba. Bana ba Ammone ba phutheha metseng ya bona, mme ba tloha ho ya ntweng.

1 Dikronike 19