1 Dikronike 19:11-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. ba setseng ba setjhaba a ba nea Abishai, ngwanabo, mme a ba lokisa hore ba bone bana ba Ammone.

12. A re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle, o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.

13. O iphe matla, mme re etseng ka senna sebakeng sa setjhaba sa heso le sa metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.

14. Yaba Joabe le setjhaba sohle se ho yena ba atamela ho lwantsha Basiria, mme Basiria ba baleha pela hae.

15. Eitse ha bana ba Ammone ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ngwanabo Joabe, mme ba kena hae motseng. Joabe yena a boela Jerusalema.

16. Eitse ha Basiria ba bona hobane ba hlotswe ke Baiseraele, ba romela manqosa ho mema Basiria ba mose wane wa noka; Shofake, molaodi wa sera sa Hadaresere, e ne e le motsamaisi wa bona.

17. Davida ha a tsebiswa, a phutha Baiseraele bohle, a tshela Jordane, a tla ho bona, mme a hlopholla sera sa hae ho ba lwantsha. Davida a hlopholla sera sa hae ho lwantsha Basiria, mme ba kopanya ntwa le yena.

18. Basiria ba baleha pela Baiseraele, mme Davida a timetsa banna ba dikete tse supileng tsa makoloi a Basiria, le banna ba maoto ba dikete tse mashome a mane, a bolaya le Shofake, molaodi wa sera.

19. Eitse ha bahlanka ba Hadaresere ba bona hoba ba hlotswe ke Baiseraele, ba etsa kgotso le Davida, mme ba mo sebeletsa. Mme Basiria ha ba ka ba hlola ba dumela ho tlatsa bana ba Ammone.

1 Dikronike 19