11. Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.
12. Abishai mora Tseruja, a qhala Baedomo Thoteng ya Letswai, e le batho ba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.
13. A bea balebedi Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.
14. Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme a nna a etsa setjhaba sa hae kaofela ka ho loka le ka bokgabane.
15. Joabe, mora Tseruja, e ne e le molaodi wa makgotla; Josafate, mora Akilude, e ne e le mmoloki wa mangolo a mmuso;
16. Tsadoke, mora Akitube, le Abimeleke, mora Abiathare, e ne e le baprista; Shavsha e ne e le mongodi;
17. Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bara ba Davida bona e ne e le ba kapele ho ba bang pela morena.