1 Dikronike 18:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, Davida a fenya Bafilesta, a ba kokobetsa, mme a amoha Bafilesta Gathe le metsana ya naha ya teng.

2. A hlola le Bamoabe, mme Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.

3. Davida a hlola le Hadaresere, morena wa Tsoba pela Hamathe, ha a ne a ya hloma borena ba hae pela noka ya Eufrate;

4. Davida a hapa makoloi a hae a sekete se le seng, le bapalami ba dikete tse supileng, le ba maoto ba dikete tse mashome a mabedi. Davida a kgaola mesifa ya maoto a dipere tsa makoloi kaofela, a ipolokela tsa makoloi a lekgolo feela.

5. Yaba Basiria ba Damaseka ba tla, ba re ba tlatsa Hadaresere, morena wa Tsoba; Davida a bolaya Basiria ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.

6. Davida a ntoo bea balebedi naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.

7. Davida a hapa dithebe tsa kgauta tse neng di le ho bahlanka ba Hadaresere, mme a ya le tsona Jerusalema.

8. Hape, Davida a nka metseng ya Hadaresere, Thibhathe le Kune, koporo e ngata haholo, eo Salomone a kileng a etsa letsha la koporo le ditshiya le dipitsa tsa koporo ka yona.

9. Eitse ha Thou, morena wa Hamathe, a utlwa hoba Davida o hlotse makgotla wohle a Hadaresere, morena wa Tsoba,

1 Dikronike 18