1 Dikronike 17:15-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Nathane a phetela Davida taba tseo tsohle, le tsohle tsa tshenolo eo.

16. Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Jehova Modimo, nna ke mang, mme ntlo ya ka keng, ha u ntlisitse ho fihla mona?

17. Le taba eo eka e nyenyane pela hao, Modimo; o bile o buile le bakeng sa ntlo ya mohlanka wa hao hodima motsotso o molelele, mme o ntadimile jwalokaha ho tadingwa motho e moholo, wena o leng Modimo Jehova!

18. Mme Davida a ka boela a bolela dife hodima kganya eo o e neang mohlanka wa hao?

19. O tseba mohlanka wa hao, Jehova; ke ka baka la mohlanka wa hao le la thato ya hao o entseng taba tseo tsohle tse kgolo, hore o mo tsebise tseo tsohle tse kgolo!

20. Oho Jehova, ha ho ya kang wena, ha ho le Modimo haese wena, jwalokaha re ikutlwetse ka tsebe tsa rona.

21. Ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang tjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho itopollela sona, hore e tle e be setjhaba sa wona, le ho iketsetsa lebitso ka ho sebetsa ntho tse kgolo, tse tshabehang, ha o ntse o leleka ditjhaba pela setjhaba sa hao seo o se lopolotseng Egepeta?

22. O beile setjhaba sa hao sa Iseraele hore e nne e be setjhaba sa hao ka ho sa feleng, mme wena, Jehova, o bile Modimo wa sona.

23. Mme jwale, Jehova, lentswe leo o le boletseng bakeng sa mohlanka wa hao le bakeng sa ntlo ya hae, le ke le netafale ka ho sa feleng, mme o etse kamoo o boletseng kateng.

24. Le ke le netafale, hore lebitso la hao le tle le tlotliswe kamehla ka ho re, Jehova wa makgotla ke Modimo wa Iseraele, ke Modimo ho Iseraele! Le yona ntlo ya mohlanka wa hao Davida e ke e tiiswe pela hao.

25. Hobane ke wena ka sebele, Modimo wa ka, o senoletseng mohlanka wa hao hore o tla mo hahela ntlo: ke ka baka leo ke le mohlanka wa hao, ke betileng pelo ho, bea thapelo pela hao.

26. Mme jwale Jehova, ke wena Modimo; o boletse taba e molemo bakeng sa mohlanka wa hao.

27. Mme jwale, ako hlohonolofatse ntlo ya mohlanka wa hao, hore e nne e hlole e le teng ka ho sa feleng pontsheng ya hao; hobane seo o se hlohonolofatsang, Jehova, eba se hlohonolofetse ka ho sa feleng.

1 Dikronike 17