13. Ke tla ba ntatae, yena e be mora ka; nke ke ka mo amoha mohau wa ka, jwalokaha ke ne ke o amohe ba neng ba le pele ho wena;
14. ke mpa ke tla mmea tlung ya ka le mmusong wa ka ka ho sa feleng, mme terone ya hae e tla tiya ka ho sa feleng.
15. Nathane a phetela Davida taba tseo tsohle, le tsohle tsa tshenolo eo.
16. Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Jehova Modimo, nna ke mang, mme ntlo ya ka keng, ha u ntlisitse ho fihla mona?
17. Le taba eo eka e nyenyane pela hao, Modimo; o bile o buile le bakeng sa ntlo ya mohlanka wa hao hodima motsotso o molelele, mme o ntadimile jwalokaha ho tadingwa motho e moholo, wena o leng Modimo Jehova!
18. Mme Davida a ka boela a bolela dife hodima kganya eo o e neang mohlanka wa hao?
19. O tseba mohlanka wa hao, Jehova; ke ka baka la mohlanka wa hao le la thato ya hao o entseng taba tseo tsohle tse kgolo, hore o mo tsebise tseo tsohle tse kgolo!
20. Oho Jehova, ha ho ya kang wena, ha ho le Modimo haese wena, jwalokaha re ikutlwetse ka tsebe tsa rona.
21. Ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang tjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho itopollela sona, hore e tle e be setjhaba sa wona, le ho iketsetsa lebitso ka ho sebetsa ntho tse kgolo, tse tshabehang, ha o ntse o leleka ditjhaba pela setjhaba sa hao seo o se lopolotseng Egepeta?
22. O beile setjhaba sa hao sa Iseraele hore e nne e be setjhaba sa hao ka ho sa feleng, mme wena, Jehova, o bile Modimo wa sona.
23. Mme jwale, Jehova, lentswe leo o le boletseng bakeng sa mohlanka wa hao le bakeng sa ntlo ya hae, le ke le netafale ka ho sa feleng, mme o etse kamoo o boletseng kateng.
24. Le ke le netafale, hore lebitso la hao le tle le tlotliswe kamehla ka ho re, Jehova wa makgotla ke Modimo wa Iseraele, ke Modimo ho Iseraele! Le yona ntlo ya mohlanka wa hao Davida e ke e tiiswe pela hao.
25. Hobane ke wena ka sebele, Modimo wa ka, o senoletseng mohlanka wa hao hore o tla mo hahela ntlo: ke ka baka leo ke le mohlanka wa hao, ke betileng pelo ho, bea thapelo pela hao.
26. Mme jwale Jehova, ke wena Modimo; o boletse taba e molemo bakeng sa mohlanka wa hao.