1 Dikronike 17:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse Davida ha a se a kene tlung ya hae, Davida a re ho moporofeta Nathane: Bona hle, nna ke ahile tlung ya dikedare, athe areka ya selekane sa Modimo e dutse tlasa masela.

2. Nathane a re ho morena: Etsa tsohle tse ka pelong ya hao, hobane Jehova o na le wena.

3. Bosiung bona boo, lentswe la Jehova la tlela Nathane, la re:

4. Tsamaya, o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: Jehova o re: Hase wena o tla nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona.

5. Athe ha ke eso ho dule tlung, haesale ke nyolla Iseraele Egepeta ho fihlela jwale, ke mpa ke nnile ka tswa tenteng e nngwe ka kena ho e nngwe, ka tloha tulong se seng ka kena ho se seng.

6. Hohle moo ke tsamaileng hammoho le Baiseraele bohle, na nkile ka bolela taba leha e le ho e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke ba laetseng ho disa setjhaba sa ka, ka re: Na ha le nkgahele ntlo ya dikedare keng na?

7. Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, kamora dinku, hore ke o bee motsamaisi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.

8. Ke nnile ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, mme ka o etsetsa lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba leng teng lefatsheng.

9. Ke lokiseditse setjhaba sa ka sa Iseraele bodulo, mme ke se hlomile, se bile se se se dutse ha habo sona; ha se ka ke sa hlola se ferekana, le bakgopo ha ba sa tla hlola ba se fedisa, jwaloka pele,

10. leha e le jwaloka mohla ke neng ke beile baahlodi ho disa setjhaba sa ka sa Iseraele; ke kokobeditse dira tsa hao tsohle, mme ke o tsebisitse hore Jehova o tla o hahela ntlo.

11. Etlare mohla matsatsi a hao a phethehang a ho orohela ho bontatao, ke tla phahamisa lesika la hao kamora hao, e mong wa bara ba hao, mme ke tla tiisa mmuso wa hae.

12. Ke yena ya tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya hae ka ho sa feleng.

13. Ke tla ba ntatae, yena e be mora ka; nke ke ka mo amoha mohau wa ka, jwalokaha ke ne ke o amohe ba neng ba le pele ho wena;

1 Dikronike 17