4. Yaba o laela Balevi ba bang hore ba phethe tsa tshebeletso pela areka ya Jehova, le ho rapela, le ho boka, le ho rorisa Jehova, Modimo wa Iseraele.
5. E moholo e ne e le Asafe; ba mo hlahlamang ke Sakaria, le Jeiele, le Shemiramothe, le Jehiele, le Matthithia, le Eliabe, le Benaia, le Obed-Edomo, le Jeiele, ba tshwere diletsa, le diviole, le diharepa; Asafe yena o ne a letsa disimbala.
6. Baprista Benaia le Jahasiele ba ne ba ntse ba letsa diterompeta pela areka ya selekane sa Modimo.
7. Ke tsatsing lona leo Davida a qadileng ho laela Asafe le banababo hore ba boke Jehova:
8. Rorisang Jehova, le rapele lebitso la hae; tsebisang hara ditjhaba diketso tsa hae tse phahameng.
9. Mmineleng, le mminele dithoko, le nahane mehlolo ya hae kaofela.
10. Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a di ke di thabe.
11. Batlang Jehova le matla a hae, le batle sefahleho sa hae kamehla.
12. Hopolang mehlolo eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,
13. lona, moloko wa Iseraele, mohlanka wa hae; lona, bana ba Jakobo, bakgethwa ba hae!
14. Jehova ke yena Modimo wa rona; dikahlolo tsa hae di aparela lefatshe lohle.
15. Le nne le hopole selekane sa hae kamehla, le lentswe leo a le laoletseng meloko e sekete;