33. Difate tsa meru di etse ditlatse tsa thabo pela Jehova, hobane o ya tla, a tle a ahlole lefatshe.
34. Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng.
35. Ereng: Re lopolle, Modimo wa topollo ya rona, o re bokelle hammoho, o re ntshe hara ditjhaba, re tle re binele lebitso la hao le halalelang, mme re ithorise ka ho o roka.
36. Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho tloha ho sa simoloheng ho isa ho sa feleng.Setjhaba sohle sa re: Amen! sa rorisa Jehova.
37. Davida a siya Asafe le banababo, hona teng, pela areka ya selekane sa Jehova, hore ba nne ba etse tsa tshebeletso pela areka kamehla, mosebetsi o mong le o mong ka tsatsi la wona;
38. hape, a bea Obed-Edomo le banababo, e le batho ba mashome a tsheletseng a metso e robileng meno e le mmedi, ke re, Obed-Edomo mora Jeduthune, le Hosa, e tle e be balebedi ba menyako.
39. Hape, a bea moprista Tsadoke, le baprista ba mofuta wa habo, pela tabernakele ya Jehova, nqalong e phahameng e leng Gibeone,
40. hore ho yona ho nne ho hlahisetswe Jehova ditjheso aletareng ya mahlabelo, hosasa le mantsiboya, ka ho ya ka tsohle tse ngodilweng molaong wa Jehova, oo a o beetseng Iseraele.