1 Dikronike 16:24-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle.

25. Hobane Jehova o moholo, mme o lokelwa ke ho roriswa ka ho fetisisa; o tshabeha ho fetisa medimo kaofela;

26. hobane medimo yohle ya ditjhaba ke ditshwantsho feela, empa Jehova o entse mahodimo.

27. Kganya le letlotlo di pela hae, matla le thabo di sehalalelong sa hae.

28. Lona, mefuta ya ditjhaba, busetsang ho Jehova, busetsang ho Jehova kganya le matla.

29. Busetsang ho Jehova kganya e tshwanelang lebitso la hae; tlisang dinyehelo, mme le hlahe pela hae; kgumamang pela Jehova ka bokgabane bo halalelang.

30. Tlakasela pela hae, wena, lefatshe lohle. Lefatshe le lona le a tiya, ha le sisinyehe.

31. Mahodimo a ke a thabe, mme lefatshe le hlasimolohe; a ho ke ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Jehova o a busa.

32. Lewatle a le ke le dume le tsohle tse ho lona; dithota di ke di hlasimolohe le tse ho tsona kaofela!

33. Difate tsa meru di etse ditlatse tsa thabo pela Jehova, hobane o ya tla, a tle a ahlole lefatshe.

1 Dikronike 16