17. eo a kileng a e etsa komelo e tiileng ho Jakobo, le selekane se sa feleng ho Iseraele,
18. a re: Ke tla o nea lefatshe la Kanana, e be kabelo ya lefa la lona.
19. E ne e sa le batho ba seng bakae; ba ne ba le banyenyane, e ne e sa le basele ho lona,
20. ba ntse ba phanyaphanya hara ditjhaba le mebuso le merabe.
21. Empa ha a ka a dumella motho ho ba tuba, mme a laya marena ka baka la bona, a re:
22. Se ameng batlotsuwa ba ka, mme le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.
23. Binelang Jehova, lona mafatshe wohle; le bolele poloko ya hae ka matsatsi wohle.
24. Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle.
25. Hobane Jehova o moholo, mme o lokelwa ke ho roriswa ka ho fetisisa; o tshabeha ho fetisa medimo kaofela;
26. hobane medimo yohle ya ditjhaba ke ditshwantsho feela, empa Jehova o entse mahodimo.
27. Kganya le letlotlo di pela hae, matla le thabo di sehalalelong sa hae.
28. Lona, mefuta ya ditjhaba, busetsang ho Jehova, busetsang ho Jehova kganya le matla.
29. Busetsang ho Jehova kganya e tshwanelang lebitso la hae; tlisang dinyehelo, mme le hlahe pela hae; kgumamang pela Jehova ka bokgabane bo halalelang.