1 Dikronike 16:15-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Le nne le hopole selekane sa hae kamehla, le lentswe leo a le laoletseng meloko e sekete;

16. e leng selekane seo a neng a se hlabe le Abrahama, le kano eo a neng a e anetse Isaaka,

17. eo a kileng a e etsa komelo e tiileng ho Jakobo, le selekane se sa feleng ho Iseraele,

18. a re: Ke tla o nea lefatshe la Kanana, e be kabelo ya lefa la lona.

19. E ne e sa le batho ba seng bakae; ba ne ba le banyenyane, e ne e sa le basele ho lona,

20. ba ntse ba phanyaphanya hara ditjhaba le mebuso le merabe.

21. Empa ha a ka a dumella motho ho ba tuba, mme a laya marena ka baka la bona, a re:

22. Se ameng batlotsuwa ba ka, mme le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.

23. Binelang Jehova, lona mafatshe wohle; le bolele poloko ya hae ka matsatsi wohle.

24. Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle.

25. Hobane Jehova o moholo, mme o lokelwa ke ho roriswa ka ho fetisisa; o tshabeha ho fetisa medimo kaofela;

26. hobane medimo yohle ya ditjhaba ke ditshwantsho feela, empa Jehova o entse mahodimo.

1 Dikronike 16