1. Ba tlisa areka ya Jehova jwalo, mme ba e bea tenteng eo Davida a e hlometseng yona; ha hlajwa mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Modimo.
2. Eitse hobane Davida a qetele ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova;
3. a ntoo abela Baiseraele bohle, banna le basadi, e mong le e mong polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama, le senkgwana sa morara.
4. Yaba o laela Balevi ba bang hore ba phethe tsa tshebeletso pela areka ya Jehova, le ho rapela, le ho boka, le ho rorisa Jehova, Modimo wa Iseraele.
5. E moholo e ne e le Asafe; ba mo hlahlamang ke Sakaria, le Jeiele, le Shemiramothe, le Jehiele, le Matthithia, le Eliabe, le Benaia, le Obed-Edomo, le Jeiele, ba tshwere diletsa, le diviole, le diharepa; Asafe yena o ne a letsa disimbala.
6. Baprista Benaia le Jahasiele ba ne ba ntse ba letsa diterompeta pela areka ya selekane sa Modimo.
7. Ke tsatsing lona leo Davida a qadileng ho laela Asafe le banababo hore ba boke Jehova:
8. Rorisang Jehova, le rapele lebitso la hae; tsebisang hara ditjhaba diketso tsa hae tse phahameng.
9. Mmineleng, le mminele dithoko, le nahane mehlolo ya hae kaofela.
10. Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a di ke di thabe.