12. a re ho bona: Le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi; itlhwekiseng, e le lona le banababo lona, mme le late areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele, le e tlise moo ke e lokiseditseng teng.
13. Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.
14. Yaba baprista le Balevi ba itlhwekisetsa ho ya lata areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele.
15. Bara ba Balevi ba jara areka ya Modimo mahetleng a bona ka dithupa tse ho yona, jwalokaha Moshe a ne a laetse, ka polelo ya Jehova.
16. Davida a bolella balaodi ba Balevi hore ba hlopholle banababo bona, e leng dibini, hore ba eme ka diletsa, e leng diviole, le diharepa, le disimbala, tseo ba tla di letsa ka matla, ba etse modumo wa thabo ka tsona.
17. Balevi ba emisa Hemane, mora Joele, le ho banabao Hemane, Asafe, mora Berekia, le ho bara ba Merari, banababo bona, Ethane, mora Kushaia;
18. ba ena le banababo bona ba hlopha sa bobedi, Sakaria, Bene, Jaasiele, Shemiramothe, Jehiele, Unni, Eliabe, Benaia, Maaseia, Matthithia, le Elifele, le Mikneia, le Obed-Edomo, le Jeiele, balebedi ba menyako.
19. Dibini Hemane, Asafe le Ethane, di ne di tshwere le disimbala tsa koporo, tseo di di letsang.
20. Sakaria, Asiele, Shemiramothe, Jehiele, Unni, Eliabe, Maaseia, le Benaia ba ne ba tshwere diharepa tse kgole tse robileng meno e le mmedi, ho tsamaisa pina ka tsona.
21. Matthithia, le Elifele, le Mikneia, le Obed-Edomo, le Jeiele, le Asasia, ba ne ba tshwere diharepa tse kgole tse robileng meno e le mmedi ho tsamaisa pina.
22. Kenania, motsamaisi wa Balevi bakeng sa dipina, o ne a ruta tsona, hobane o ne a le masene ho tsona.
23. Berekia le Elkana e ne e le balebedi ba menyako bakeng sa areka.
24. Baprista Shebania, Josafate, Nethaneele, Amasai, Sakaria, Benaia le Eliesere, ba ne ba letsa diterompeta pela areka ya Modimo, mme Obed-Edomo le Jehia e ne e le balebedi ba menyako bakeng sa areka.
25. Davida le baholo ba Iseraele le balaodi ba dikete ba ya lata areka ya selekane sa Jehova tlung ya Obed-Edomo ka thabo.
26. Ke ka thuso ya Modimo Balevi ba tsebileng ho jara areka ya selekane sa Jehova; ba ntoo hlaba dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng.
27. Haele Davida, o ne a apere kobo ya lene e ntle, le bona Balevi bohle ba jereng areka, le dibini, le Kenania, motsamaisi wa diletsa hara dibini; Davida o ne a apere efoda ya lene.
28. Baiseraele bohle ba lata areka ya selekane sa Jehova jwalo ka ditlatse le ka ho letsa diphala, ka diterompeta le disimbala, le ka ho letsa diviole le diharepa.
29. Areka ya selekane sa Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlala, a hobela, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.