1 Dikronike 15:1-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Davida a ikgahela matlo motseng wa Davida, mme a lokisetsa areka ya Modimo ditulo, mme a e hlomela tente.

2. Yaba Davida o re: Ha ho ya tshwanetseng ho jara areka ya Modimo haese Balevi; hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare areka ya Modimo le ho etsa tshebeletso ya yona ka ho sa feleng.

3. Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.

4. Davida a phutha bara ba Aarone le Balevi:

5. ho bara ba Kehathe, ya eba Uriele, hlooho, le banababo, e le batho ba lekgolo le nang le mashome a mabedi;

6. ho bara ba Merari, e le Asaia, hlooho, le banababo, batho ba makgolo a mabedi a mashome a mabedi;

7. ho bara ba Gershome, e le Joele, hlooho, le banababo, batho ba lekgolo le mashome a mararo;

8. ho bara ba Elitsafane, e le Shemaia, hlooho, le banababo, batho ba makgolo a mabedi;

9. ho bara ba Hebrone, e le Eliele, hlooho, le banababo, batho ba mashome a robileng meno e le mmedi;

10. ho bara ba Usiele, e le Amminadabe, hlooho, le banababo, batho ba lekgolo le nang le leshome le metso e mmedi.

11. Davida a bitsa Tsadoke le Abiathare, baprista, le Balevi Uriele, Asaia, Joele, Shemaia, Eliele, le Amminadabe,

12. a re ho bona: Le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi; itlhwekiseng, e le lona le banababo lona, mme le late areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele, le e tlise moo ke e lokiseditseng teng.

13. Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.

14. Yaba baprista le Balevi ba itlhwekisetsa ho ya lata areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele.

15. Bara ba Balevi ba jara areka ya Modimo mahetleng a bona ka dithupa tse ho yona, jwalokaha Moshe a ne a laetse, ka polelo ya Jehova.

16. Davida a bolella balaodi ba Balevi hore ba hlopholle banababo bona, e leng dibini, hore ba eme ka diletsa, e leng diviole, le diharepa, le disimbala, tseo ba tla di letsa ka matla, ba etse modumo wa thabo ka tsona.

17. Balevi ba emisa Hemane, mora Joele, le ho banabao Hemane, Asafe, mora Berekia, le ho bara ba Merari, banababo bona, Ethane, mora Kushaia;

1 Dikronike 15