1 Dikronike 14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Dintwa tsa Davida le Bafilesta.

1. Hirame, morena wa Tire, a romela manqosa ho Davida, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa majwe, le dibetli tsa difate, ho mo hahela ntlo;

2. Davida a tseba kahoo hoba Jehova o mo tiisitse ho ba morena wa Iseraele, le hobane o phahamisitse mmuso wa hae ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.

3. Davida a boela a nyala basadi Jerusalema, mme Davida a tswala bara le baradi.

4. Ke ana mabitso a bao a ba tswaletsweng a le Jerusalema: ke Shammua, le Shobabe, le Nathane, le Salomone;

5. le Jibhare, le Elishua, le Elfelethe;

6. le Noga, le Nefege, le Jafia;

7. le Elishama, le Beeliada, le Elifelethe.

8. Bafilesta eitse ha ba utlwa hore Davida o tlotsitswe ho ba morena wa Baiseraele bohle, Bafilesta bohle ba futuha ba batla Davida. Davida ha a utlwa, a tswa, a ya ba kgahlanyetsa.

9. Bafilesta ba ne ba fihlile, mme ba ne ba rasa kgohlong ya Barefaime.

10. Yaba Davida o botsa Jehova, a re: Na ke tla ya lwantsha Bafilesta? na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho yena: Eya, mme ke tla ba neela matsohong a hao.

11. Ba futuhela Baale-Peratsime; mme Davida a ba qhala hona teng, a re: Jehova o entse sekgeo ka nna direng tsa ka, jwalokaha metsi a etsa sekgeo lerakong. ka baka leo, lebitso la teng la bitswa Baale-Peratsime.

12. Teng, Bafilesta ba lahla ditshwantsho tsa bona; Davida a laela, tsa ba tsa tjheswa mollong.

13. Bafilesta ba boela ba rasa kgohlong.

14. Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo wa re ho yena: O se ke wa ba latela; o mpe o ba kgelohe, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.

15. Etlare ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba lwantshe, hobane etlaba Modimo o se o o eteletse pele ho ya qhala makgotla a Bafilesta.

16. Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme ba qhala makgotla a Bafilesta ho tloha Gibea ho isa Gesere.

17. Botumo ba Davida ba hasana naheng tsohle, mme Jehova a mo etsa ya tshajwang ke ditjhaba tsohle.