1 Dikronike 13:9-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ba fihla jwalo seotlong sa Kidone; yaba Ussa o isa letsoho ho tshwara areka, kahobane dipholo di ne di tlola.

10. Yaba Jehova o halefela Ussa, a mmolaya, kahobane a isitse letsoho la he arekeng, mme a shwela hona moo pela Modimo.

11. Davida a swaba ke hobane Jehova a entse sekgeo Iseraeleng ka Ussa, mme a rea nqalo ya teng Perets-Ussa (sekgeo sa Ussa); le kajeno ke la teng.

12. Tsatsing leo, Davida a tshaba Modimo, a re: Nka isa areka ya Modimo jwang ha ka?

13. Ka baka leo, Davida ha a ka a isa areka ha hae, motseng wa Davida, a mpa a e faposetsa tlung ya Obed-Edomo wa Gathe.

14. Areka ya Modimo ya dula ha Obed-Edomo, tlung ya hae, kgwedi tse tharo; mme Jehova a hlohonolofatsa ntlo ya Obed-Edomo le tsohle tsa hae.

1 Dikronike 13