7. Ba lata areka ya Modimo tlung ya Abinadabe ka koloi e ntjha; Ussa le Akio ba ne ba tsamaisa koloi.
8. Davida le Baiseraele kaofela ba ne ba letsa pela Modimo ka matla wohle a bona, ba bina ka diharepa, le diviole, le meropa, le disimbala, le diterompeta.
9. Ba fihla jwalo seotlong sa Kidone; yaba Ussa o isa letsoho ho tshwara areka, kahobane dipholo di ne di tlola.
10. Yaba Jehova o halefela Ussa, a mmolaya, kahobane a isitse letsoho la he arekeng, mme a shwela hona moo pela Modimo.
11. Davida a swaba ke hobane Jehova a entse sekgeo Iseraeleng ka Ussa, mme a rea nqalo ya teng Perets-Ussa (sekgeo sa Ussa); le kajeno ke la teng.
12. Tsatsing leo, Davida a tshaba Modimo, a re: Nka isa areka ya Modimo jwang ha ka?
13. Ka baka leo, Davida ha a ka a isa areka ha hae, motseng wa Davida, a mpa a e faposetsa tlung ya Obed-Edomo wa Gathe.