1 Dikronike 12:9-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Esere ke wa pele ho bona; wa bobedi ke Obadia, wa boraro ke Eliabe;

10. wa bone ke Mishmanna, wa bohlano ke Jeremia;

11. wa botshelela ke Attai, wa bosupa ke Eliele;

12. wa boroba meno e le mmedi ke Johanane, wa boroba mono o le mong ke Elsabade;

13. wa leshome ke Jeremia, wa leshome le motso o mong ke Makbannai.

14. E ne e le ba bara ba Gade, balaodi ba makgotla; a le mong ho bona, esita le e monyenyane, o ne a lekana le banna ba lekgolo; e moholo o ne a lekana le ba sekete.

15. Ba ne ba tshele Jordane kgweding ya ho qala, mohla e kwahetseng mabopo a yona kaofela, mme ba leleka batho bohle ba dikgohlong ka nqa botjhabela le ka nqa bophirimela.

1 Dikronike 12