24. Bana ba Juda, ba hlometseng thebe le lerumo, ba tla ba entse dikete tse tseletseng tse nang le makgolo a robileng meno e le mmedi, ba hlomeletseng ntwa.
25. Bana ba Simeone, e leng bahale ntweng, ba tla ba entse kete tse supileng tse nang le lekgolo le le leng.
26. Bana ba Levi ba tla ba le dikete tse nne tse nang le makgolo a tsheletseng.
27. Hape, ha tla Jehojada, motsamaisi wa bana ba Aarone, a ena le batho ba kete tse tharo tse nang le makgolo a supileng.
28. Ha tla le Tsadoke, mohlankana wa mohale, a ena le ba ntlo ya ntatae, e le mahosana a mashome a mabedi a metso e mmedi.
29. Ho bana ba Benjamine, banababo Saule, ha tla dikete tse tharo; athe ho fihla moo, ba bangata hara bona ba ne ba ntse ba kgomaretse ntlo ya Saule.
30. Bana ba Efraime ba tla ba le dikete tse mashome a mabedi tse nang le makgolo a robileng meno e le mmedi, e le bahale, banna ba tumileng matlung a bontata bona.
31. Ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha tla ba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba thontsweng ka mabitso ho ya bea Davida morena.
32. Ho bana ba Issaskare, ba neng ba ithutile ho kgetha dinako ho tseba seo Baiseraele ba tshwanetseng ho se etsa, ha tla mahosana a bona a makgolo a mabedi, hammoho le banababo wona kaofela ba leng taolong ya wona.
33. Ho Basabulone, ha tla ba dikete tse mashome a mahlano, ba tsebang ho futuha, ba hlometseng dibetsa tsohle tsa ntwa, ba tsebang ho ema ka makgotla, ba se nang pelo tse pedi.
34. Ho Banefthali, ha tla mahosana a sekete, a tlisitse banna ba dikete tse mashome a mararo a metso e supileng, ba hlometseng thebe le lerumo.
35. Ho Badane, ha tla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi tse nang le makgolo a tsheletseng, ba hlomeletseng ntwa.
36. Ho Baasere, ha tla ba dikete tse mashome a mane, ba lemaletseng ho futuha, ba tsebang ntwa.
37. Ho ba mose ho Jordane, e leng Barubene le Bagade le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha tla ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi, ba hlometse dibetsa tsohle tsa ntwa.
38. Bao kaofela, e leng banna ba ntwa, ba tsebang ho ema ka ho itlhopholla, ba tla Hebrone ka pelo tse phethehileng, ho bea Davida morena wa Baiseraele bohle; le Baiseraele ba bang bohle ba ne ba le pelo e le nngwe ho bea Davida morena.
39. Ba dula teng ho Davida matsatsi a mararo, ba ntse ba eja, ba enwa; hobane banababo bona ba ne ba ba lokiseditse tsohle.
40. Esita le ba neng ba le haufi, jwaloka Baissaskare, le Basabulone, le Banefthali, ba tlisa dijo, ba di belesitse diesele, le dikamele, le dimulete, le dipholo, e le mahobe, le diphofo, le dinkgwa tsa difeiye tse omeletseng le tsa merara e omeletseng, le veine, le ole, le dikgomo le dinku tse ngata; hobane ho ne ho thabilwe ke Baiseraele.