1 Dikronike 12:21-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ba tlatsa Davida ho lwantsha Baamaleke, etswe kaofela ha bona e ne e le bahale; mme ba bewa balaodi ba makgotla.

22. Ka matsatsi wohle, ha nna ha fihla batho ho Davida ho mo tlatsa, ho fihlela ba ba ba etsa sera se seholo, se kang sera sa Modimo.

23. Haele banna ba hlomeletseng ntwa, ba neng ba tle ho Davida, Hebrone, ho fetisetsa borena ba Saule ho yena, ka taelo ya Jehova, palo ya bona ka dihlooho tsa bona ke ena:

24. Bana ba Juda, ba hlometseng thebe le lerumo, ba tla ba entse dikete tse tseletseng tse nang le makgolo a robileng meno e le mmedi, ba hlomeletseng ntwa.

25. Bana ba Simeone, e leng bahale ntweng, ba tla ba entse kete tse supileng tse nang le lekgolo le le leng.

26. Bana ba Levi ba tla ba le dikete tse nne tse nang le makgolo a tsheletseng.

27. Hape, ha tla Jehojada, motsamaisi wa bana ba Aarone, a ena le batho ba kete tse tharo tse nang le makgolo a supileng.

28. Ha tla le Tsadoke, mohlankana wa mohale, a ena le ba ntlo ya ntatae, e le mahosana a mashome a mabedi a metso e mmedi.

29. Ho bana ba Benjamine, banababo Saule, ha tla dikete tse tharo; athe ho fihla moo, ba bangata hara bona ba ne ba ntse ba kgomaretse ntlo ya Saule.

30. Bana ba Efraime ba tla ba le dikete tse mashome a mabedi tse nang le makgolo a robileng meno e le mmedi, e le bahale, banna ba tumileng matlung a bontata bona.

31. Ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha tla ba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, e leng ba thontsweng ka mabitso ho ya bea Davida morena.

32. Ho bana ba Issaskare, ba neng ba ithutile ho kgetha dinako ho tseba seo Baiseraele ba tshwanetseng ho se etsa, ha tla mahosana a bona a makgolo a mabedi, hammoho le banababo wona kaofela ba leng taolong ya wona.

33. Ho Basabulone, ha tla ba dikete tse mashome a mahlano, ba tsebang ho futuha, ba hlometseng dibetsa tsohle tsa ntwa, ba tsebang ho ema ka makgotla, ba se nang pelo tse pedi.

1 Dikronike 12