12. wa boroba meno e le mmedi ke Johanane, wa boroba mono o le mong ke Elsabade;
13. wa leshome ke Jeremia, wa leshome le motso o mong ke Makbannai.
14. E ne e le ba bara ba Gade, balaodi ba makgotla; a le mong ho bona, esita le e monyenyane, o ne a lekana le banna ba lekgolo; e moholo o ne a lekana le ba sekete.
15. Ba ne ba tshele Jordane kgweding ya ho qala, mohla e kwahetseng mabopo a yona kaofela, mme ba leleka batho bohle ba dikgohlong ka nqa botjhabela le ka nqa bophirimela.
16. Ho bara ba Benjamine le ba Juda, ha tla ba bang, ba fihla ho Davida seqhobong.
17. Davida a ya ba kgahlanyetsa, a bua, a re ho bona: Ha ekaba le tlile ho nna ka kgotso ho ntlatsa, le nna pelo ya ka e tla kopana le lona; ha le mpa le tlile ho nkeka hore le nneele direng tsa ka, leha ho mpa ho se bokgopo matsohong a ka, Modimo wa bontata rona o ke o bone, mme o re ahlolele.
18. Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.
19. Ho Bamanasse, ba bang ba theohela ho Davida, mohla a futuhelang Saule, a ena le Bafilesta; empa ha ba ka ba ba tlatsa; eitse hobane marena a Bafilesta a eletsane, a mo kgutlisa, a re: A ka fetela ho Saule, hlooho tsa rona tsa kena tsietsing.
20. Le mohla a yang Tsiklage, Bamanasse ba ileng ba fetela ho yena ke bana: ke Adna, Josabade, Jediaele, Mikaele, Josabade, Elihu, le Tsilthai, balaodi ba dikete tsa Manasse.
21. Ba tlatsa Davida ho lwantsha Baamaleke, etswe kaofela ha bona e ne e le bahale; mme ba bewa balaodi ba makgotla.
22. Ka matsatsi wohle, ha nna ha fihla batho ho Davida ho mo tlatsa, ho fihlela ba ba ba etsa sera se seholo, se kang sera sa Modimo.
23. Haele banna ba hlomeletseng ntwa, ba neng ba tle ho Davida, Hebrone, ho fetisetsa borena ba Saule ho yena, ka taelo ya Jehova, palo ya bona ka dihlooho tsa bona ke ena:
24. Bana ba Juda, ba hlometseng thebe le lerumo, ba tla ba entse dikete tse tseletseng tse nang le makgolo a robileng meno e le mmedi, ba hlomeletseng ntwa.