1 Dikronike 12:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ba kileng ba ya ho Davida a le Tsiklage, ha a ne a ntse a ipatela Saule, mora Kishe, ke bana: le bona ba ne ba balwa le dinatla tse neng di mo tlatsa ntweng;

2. e ne e le ba fulang ka diqha; ba ne ba betsa majwe ka letsoho le letona le ka letsoho le letshehadi, mme ba ne ba fula metsu ka diqha; e ne e le ba habo Saule, Babenjamine.

3. E moholo ho bona ke Akiesere, e mong ke Joase, bara ba Shemaa wa Gibea; Jesiele, le Pelethe, bara ba Asmavethe, le Beraka, le Jehu wa Anathothe,

1 Dikronike 12