17. Ke ha Davida a qala ho lakatsa, a re: Ke mang ya tla nnosa metsi a sediba sa Bethlehema se pela kgoro?
18. Yaba ba bararo bao ba phunyeletsa hara diahelo tsa Bafilesta, ba ekga metsi sedibeng sa Bethlehema se pela kgoro, mme ba a nka, ba tla le wona ho Davida; empa Davida a hana ho a nwa, a mpa a a tshollela Jehova;
19. a re: Ka Modimo wa ka, ha nka ke ka etsa hoo. Na ke be nka nwa madi a banna bao ba ileng ba tetse bophelo ba bona na? Hobane ba a tlisitse, ba sa re letho ka bophelo ba bona, A hana ho a nwa ke hona. Hoo ha etswa ke dinatla tseo tse tharo.
20. Abishai, moena Joabe, e ne e le hlooho ya ba bararo bao. A lwantsha banna ba makgolo a mararo ka lerumo la hae, a ba bolaya, mme a iketsetsa lebitso hara ba bararo bao.
21. Hara ba bararo, ya eba yena ya roriswang ho ena le ba babedi ba bang, mme ya eba hlooho ya bona, a mpa a sa fihle ho ba bararo ba pele.
22. E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora monna wa senatla wa Kabsteele, ya neng a entse diketso tse kgolo. A bolaya tau tse pedi tsa Moabe; hape, ke yena ya neng a theohe, a ya bolaya tau ka lemeneng, e le mohla lehlwa le kgethehang.
23. A bolaya le monna wa Moegepeta; monna eo boemo ba hae e ne e le ditswe tse hlano. Moegepeta letsohong o ne a tshwere lerumo le neng le le ka ka sefate sa selohi; a theohela ho yena ka molamu, a amoha Moegepeta lerumo, mme a mmolaya ka lona lerumo leo la hae.
24. Tseo tsa etswa ke Benaia, mora Jehojada, mme a iketsetsa lebitso hara dinatla tseo tse tharo.
25. A roriswa ho feta ba mashome a mararo, a mpa a se ke a fihla ho ba bararo ba pele. Davida a mmea monna wa lekgotla.
26. Haele banna ba dinatla ba makgotleng a Davida, e ne e le Asaele, moena Joabe, Elkanane, mora Dodo wa Bethlehema;
27. Shammothe wa Harore, Heletse Mopalone;
28. Ira, mora Ikkeshe, wa Tekowa, Abiesere wa Anathothe,
29. Sibbekai wa Husha, Ilai wa Akowa,
30. Maharai wa Nethofa, Helede, mora Baana, wa Nethofa,
31. Ithai, mora Ribai, wa Gibea wa bana ba Benjamine, Benaia wa Pirathone,
32. Hurai wa Nahale-Gaashe, Abiele wa Araba,