10. Ke tsena dihlooho tsa banna ba bahale ba Davida, ba nnileng ba mo emela boreneng ba hae, ba ena le Baiseraele bohle, ba tle ba mmee morena, ka polelo e neng e boletswe ke Jehova bakeng sa Iseraele.
11. Ke ena palo ya bahale bao Davida a neng a na le bona.Jashobeame, mora Hakmoni, ke hlooho ya dinatla. A lwantsha banna ba makgolo a mararo ka lerumo la hae, a ba bolaya ka nako e le nngwe.
12. Ya mo hlahlamang ke Eleasare, mora Dodo, wa Akoke, e mong wa dinatla tse tharo.
13. Ke yena ya neng a emele Davida Pase-Dammime. Bafilesta ba ne ba phuthehetse teng ka ntwa; teng, ho ne ho na le lebatowa la tshimo le tletseng harese; ke mohla setjhaba se neng se balehetse Bafilesta.
14. Ba ema hare ho tshimo, ba e tseka, mme ba qhala Bafilesta; Jehova a namolela Iseraele ka hlolo e kgolo.
15. Ba bararo ho bao e leng dihlooho tsa dinatla tse mashome a mararo ba ne ba theohetse ho Davida seqhobong, lehaheng la Adullame; diahelo tsa Bafilesta di ne di hlomilwe kgohlong ya Barefaime.
16. Mohlang oo, Davida o ne a le seqhobong, mme sehlopha sa Bafilesta se ne se le teng Bethlehema.
17. Ke ha Davida a qala ho lakatsa, a re: Ke mang ya tla nnosa metsi a sediba sa Bethlehema se pela kgoro?
18. Yaba ba bararo bao ba phunyeletsa hara diahelo tsa Bafilesta, ba ekga metsi sedibeng sa Bethlehema se pela kgoro, mme ba a nka, ba tla le wona ho Davida; empa Davida a hana ho a nwa, a mpa a a tshollela Jehova;
19. a re: Ka Modimo wa ka, ha nka ke ka etsa hoo. Na ke be nka nwa madi a banna bao ba ileng ba tetse bophelo ba bona na? Hobane ba a tlisitse, ba sa re letho ka bophelo ba bona, A hana ho a nwa ke hona. Hoo ha etswa ke dinatla tseo tse tharo.