1. Yaba Baiseraele bohle ba phuthehela ho Davida, Hebrone, ba re: Bona, re masapo a hao le nama ya hao.
2. Leha e le maoba le maobane, Saule ha e sa ntse e le morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele, le ho ba orosetsa hae. Le Jehova, Modimo wa hao, o o boleletse, a re: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
3. Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone; Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova; mme ba tlotsa Davida, ho mo etsa morena wa Iseraele, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka Samuele.
4. Yaba Davida le Baiseraele bohle ba futuhela Jerusalema, e leng Jebuse, moo ho neng ho le Bajebuse ba neng ba ahile naheng eo.
5. Baahi ba Jebuse ba re ho Davida: O ke ke wa kena kwano. Empa Davida a kena qhobosheane ya Sione; ke wona motse wa Davida.
6. Davida o ne a itse: Ya tla qhala Bajebuse pele, e tla ba kgosana le morena. Joabe, mora Tseruja, a hlwa pele, mme a etswa kgosana.
7. Davida a aha qhobosheaneng; ya rewa ke hona lebitso la motse wa Davida.
8. A ba a haha motse ka nqa tsohle, ho tloha Millo le ho isa ka nqa tsohle: Joabe yena a lokisa ho setseng ha motse.