1 Dikronike 10:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha Bafilesta ba lwana le Baiseraele, banna ba Iseraele ba baleha pela Bafilesta, ba wa ba hlabilwe thabeng ya Gilboa.

2. Bafilesta ba phallela Saule le bara ba hae ka matla, mme Bafilesta ba bolaya Jonathane le Abinadabe le Malkishua, bara ba Saule.

3. Jwale, Saule a imelwa ke ntwa; ba fulang ka diqha ba mo fihlela, mme a tsieleha haholo ke ba diqha.

4. Yaba Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o ntlhabe ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, kahobane le ne le tshohile haholo. Yaba Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.

5. Eitse ha lehlahana la hae le bona hoba Saule o shwele, le lona la itihela hodima sabole ya lona, mme la eshwa.

6. Ha eshwa jwalo Saule le bara ba hae ba le bararo; ntlo ya hae kaofela ya eshwa hammoho.

7. Eitse banna bohle ba Iseraele ba ahileng kgohlong, ha ba bona hoba ho balehilwe, le hoba Saule le bara ba hae ba shwele, ba furalla metse ya bona, ba baleha. Mme Bafilesta ba fihla, ba aha ho yona.

1 Dikronike 10