42. Bara ba Etsere ke Bilhane, Saavane, le Jaakane. Bara ba Dishane ke Utse le Arane.
43. Marena a neng a buse naheng ya Edomo, ho eso ho be morena ya busang bana ba Iseraele, ke ana: Ke Bela, mora Beore; lebitso la motse wa hae e ne e le Dinhaba.
44. Eitse hobane Bela a timele, ha busa Jobabe, mora Sera wa Botsra, tulong tsa hae.
45. Jobabe yena mohla a timelang, ha busa Hushame wa naha ya Bathemane tulong tsa hae.