37. Bara ba Reuele ke Nahathe, Sera, Shamma, le Missa.
38. Bara ba Seire ke Lothane, Shobale, Tsibeone, Ana, Dishone, Etsere, le Dishane.
39. Bara ba Lothane ke Hori le Homame; kgaitsedi ya Lothane ke Thimna.
40. Bara ba Shobale ke Aljane, Manahathe, Ebale, Shefi, le Oname. Bara ba Tsibeone ke Aja le Ana.
41. Mora wa Ana ke Dishone; bara ba Dishone ke Hamrane, le Eshbane, le Jithrane, le Kerane.
42. Bara ba Etsere ke Bilhane, Saavane, le Jaakane. Bara ba Dishane ke Utse le Arane.
43. Marena a neng a buse naheng ya Edomo, ho eso ho be morena ya busang bana ba Iseraele, ke ana: Ke Bela, mora Beore; lebitso la motse wa hae e ne e le Dinhaba.