1 Dikronike 1:19-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Hebere a tswallwa bara ba babedi; lebitso la e mong ke Pelege (karolo), hobane lefatshe le ne le arolwe tshiung tsa hae; lebitso la ngwanabo ke Jokthane.

20. Jokthane a tswala Almodade, Shelefe, Hatsaremavethe, Jerake,

21. Hadorame, Usale, Dikla,

22. Ebale, Abimaele, Seba,

23. Ofire, Havila, le Jobabe. Bao kaofela ke bara ba Jokthane.

24. Sema, Arpaksade, Shela,

25. Hebere, Pelege, Rehu,

26. Seruge, Nakore, Tera,

27. Abrame, e leng yena Abrahama.

28. Bara ba Abrahama ke Isaaka le Ishmaele.

29. Masika a bona ke ana: Letsibolo la Ishmaele ke Nebajothe; yaba ke Kedare, Adbeele, Mibsame,

30. Mishma, Duma, Masa, Hadade, le Thema,

31. Jethure, Nafishe, le Kedma. Bao ke bara ba Ishmaele.

32. Bara ba Ketura, serethe sa Abrahama: a tswala Simrane, Jokshane, Medane, Midiane, Jishbake, le Shua. Bara ba Jokshane ke Seba le Dedane.

1 Dikronike 1