1 Bathesalonika 3:8-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Hobane jwale, ha le tiile Moreneng, re a phela.

9. Mme re ka ananela ho Modimo bakeng sa lona ka teboho efe, ka baka la thabo yohle eo re le thabetseng ka yona pela Modimo wa rona?

10. Re ntse re o rapela motshehare le bosiu ka ho fetisisa, hore re ke re tsebe ho bona difahleho tsa lona le ho ekeletsa tumelo ya lona ka seo e haellwang ke sona.

11. Oho! re etsetswe tsela ya ho tla ho lona ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena wa rona Jesu Kreste!

1 Bathesalonika 3